Letlole la Inshorense ya ho Hloka Mosebetsi
Ha o kopa dithuso, o tshwanela ho tla le ditokomane tsena tse latelang Ofising e haufinyane le lona ya Mesebetsi:
Dithuso tsa ho Hloka Mosebetsi
Tokomane ya boitsebiso e nang le metsero le dinomoro tse 13.
Ditlankana tse 6 tsa meputso tsa ho qetela.
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi (UI18).
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi jwalo ka ha ho laelwa ke ba Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa (IRP 5) kapa IT 3(a).
Bopaki ba hore o ingodisitse jwalo ka motho ya ntseng a batla mosebetsi.
Foromo ya kopo e tlatsitsweng ka phethahalo.
Dithuso tsa ho Kula

Setifikeiti se tlatsitsweng sa bongaka.
Bopaki ba dintlha tsa bankeng.
Setatemente sa palo ya tjhelete eo o e fumaneng ho ramosebetsi nakong eo o neng o kula ka yona.
Foromo ya kopo e tlatsitsweng ka phethahalo.
Dithuso tsa ho ya Beleha
Tokomane ya boitsebiso e nang le metsero le dinomoro tse 13.
Ditlankana tse 6 tsa meputso tsa ho qetela.
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi (UI18).
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi jwalo ka ha ho laelwa ke ba Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa (IRP 5) kapa IT 3(a).
Setifikeiti se tlatsitsweng sa bongaka

Dithuso tsa Bahlokomelwa
Tokomane ya boitsebiso e nang le metsero le dinomoro tse 13 (ka bobedi ya mofu le ya mohatsa/molekane wa hao)
Ditlankana tse 6 tsa meputso tsa ho qetela tsa mofu
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi (UI18).
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi jwalo ka ha ho laelwa ke ba Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa (IRP 5) kapa IT 3(a).
Khopi ya setifikeiti sa lenyalo seo ho entsweng kano ka sona
Bopaki ba dintlha tsa bankeng.
Khopi ya setifikeiti sa ho hlokahala seo ho entsweng kano ya sona.
Foromo ya kopo e tlatsitsweng ka phethahalo.
Dithuso tsa Bahlokomelwa (Bana)
Tokomane ya boitsebiso e nang le metsero le dinomoro tse 13 (mofu, mohlokomedi le ngwana ha ho hlokeha)
Ditlankana tse 6 tsa meputso tsa ho qetela tsa mofu.
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi (UI18).
Dintlha tse itseng tse hlahang ho ramosebetsi jwalo ka ha ho laelwa ke ba Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa (IRP 5) kapa IT 3(a).
Khopi ya setifikeiti sa mohlokomelwa wa ngwana seo ho entsweng kano ka sona
Bopaki ba dintlha tsa bankeng.
Khopi ya setifikeiti sa ho hlokahala seo ho entsweng kano ya sona.
Bopaki ba bohlokomedi.
Bopaki ba hore ngwana ke moithuti kapa o ne a tshepetse ho mofu ka botlalo kapa haholwanyane.
Foromo ya kopo e tlatsitsweng ka phethahalo.
Tleleime ya hao ya dithuso e ke ke ya phethahatswa ho fihlela dintlha/ditokomane tse tshwanetseng di fumanwa.